Lipale tsa Makhera

Lipale tsa Makhera Story teller

29/10/2020

Le bangata ho feta 1k feela lireaction liea hana๐Ÿ˜ฟ

19/10/2020

KE NE KE NAHANA OA NRATA

Part 3

**Lefuma oa fihla o tsoa papaling**

Malefuma:Ao ngoanaka u so khutlile kapelenyana,ho be ho ke joang he Mofokeng ๐Ÿ‡?

Lefuma:Ho ne ho le bolutu 'm'e,a na nka u botsa lipotsonyana tse 'maloa?

Malefuma: Lipotso tsang jle ๐Ÿคท?

Lefuma:'M'e Ntate oaka o kae?Kamehla le mehla ha re le papaling bo-Thapelo ba lula ba nsonta ka h**e nna ha ke na ntate bona bo-ntate ba bona ba sebetsa merafong Khauteng maboneng,nna oaka o kae๐Ÿคท๐Ÿ˜ช?

Malefuma a sareloa a ipotsa na o tla reng h**e ngoana a se ferekane,empa hoa fihla monahano kapelepele.

Malefuma:Ao Lefuma ngoanaka,khaohana le bona,le wena ntate oa hao oatla ngoanaka ka keresemese,ke mojoetsitse h**e a u tlele le liaparo tse ntle le koloi,akere Mofokeng ๐Ÿ‡๐Ÿ˜Š?

Lefuma:Keea leboha 'm'e,ke tla thaba h**e mohlang a leng teng๐Ÿ˜Šโค๏ธ

Malefuma one a se a qetile ho hlatsoa pitsa ea papa a se a pepile Paballo a ntse a kha moroho lentloaneng.

Malefuma:Abuty Lefuma a ko nt'soarele khoho e khoarahlana eyo ke tlo e hlaba,keea nahana lese le lakatsa nama โค๏ธ๐Ÿ˜Š.

Lefuma a e lelekisa a e t'soara,Malefuma a khabela moroho a u pheha a hlaba khoho a pheha,a t'sola e ne e se e le shoalane e kholo,a ja le bana ba hae,ba rapela ba nto ithoballa ka khotso ๐Ÿ˜.

Part 4 loading

Like
Comment
Share

17/10/2020

KE NE KE NAHANA OA NRATA

Part 2

Ka mora lefu la Ntate Potlaki ๐Ÿ˜ชโšฐ๏ธ,Malefuma le bana ba ile ba etsetsoa meetlo kaofla ntle le ts'itiso ea letho,le bana ba ne ba ntse ba ikholela hantle๐Ÿ˜๐Ÿ˜Š ho se ts'itiso ea letho.Lefuma o ne a ena le metsoalle,'me a atisa hoba chakela.

**Katlung ha Malefuma**

Lefuma:'M'e,ke kopa ho chakela Thapelo re lo bapala sa likhomo.

Malefuma: Tsamaea shanyana,fla u khutle pele letsatsi le likela.

Lefuma:Ke se ke tsamaea,salang hantle.

Malefuma le moralinyana ba sala hantle,etsoe Paballo o ne a ntse a hola hane,one a se a ena le selemo,ha abuti wa hae a ne a ena le lilemo tse leshome le motso o le mong.

**Papaling**
Thapelo le bashanyana ba bang ba nkile likoloeana tsa ho bapala,ao Lefuma oa batho eena u bapala ka lithupa le majoe.

Lefuma: Thapelo motsoalle,ke kopa u nkalimme koloi ea hau.

Thapelo:Keea hana,u batla e shoe,u mona ntho tooe u senang ntate,nna ntate oaka u sebetsa merafong, Khauteng maboneng.

Ao,Lefuma a itholela,mantsoe a na ha a ka a moutloisa monate,a tsamaya a ea habo,ha a fihla e ne e le motseare ka mantsiboea,a fumana Malefuma a ntse a hlatsoa pitsa ea papa.

Part 3 loading

Like
Share
Comment

17/10/2020

KE NE KE NAHANA OA NRATA

Part 1

Motseng wa Lihalahaleng seterekeng sa Mokhotlong hone ho ena le mosali e mong tjena wa mohlolohali,'m'e lebitso la hae e ne e le 'Malefuma,eena e ne e le mosali oa bobeli,'m'e monna oa hae o sana hlokahale kannete.Monna wa Malefuma e ne e le Ntate Potlaki.

Ntate Potlaki le 'm'e Malefuma ba ne ba ena ke bana ba babeli feela,e moholo e ne e le Lefuma,ebile e le moshanyana,khorula e ne e le ngoanana,'me lebitso la hae e ne e le Paballo,Ntate Potlaki ha a hlokahala Lefuma o ne a le lilemo li leshome(10),athe Paballo eena o ne a ena le likhoeli.

Part 2 loading

Like
Share
Comment

Address

Thaba Tseka
Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lipale tsa Makhera posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share